2 Marena
21 Manase+ o ne a le lilemo li leshome le metso e ’meli ha a qala ho busa, ’me a busa Jerusalema ka lilemo tse mashome a mahlano a metso e mehlano. Lebitso la ’m ’ae e ne e le Hefziba. 2 A etsa se sebe mahlong+ a Jehova, ho ea ka lintho tse manyala tsa lichaba+ tseo Jehova a neng a li lelekile ka pel’a bara ba Iseraele. 3 Kahoo a boela a haha libaka tse phahameng tseo ntat’ae Ezekiase a neng a li sentse,+ eaba o emisetsa Baale lialetare ’me o etsa palo e halalelang, feela joalokaha Akabe+ morena oa Iseraele a ne a entse; a qala ho inamela+ makhotla ’ohle a maholimo+ ’me a a sebeletsa.+ 4 A haha lialetare ka tlung ea Jehova,+ eo Jehova a neng a itse mabapi le eona: “Ke tla beha lebitso+ la ka Jerusalema.” 5 A tsoela pele ho hahela makhotla ’ohle a maholimo+ lialetare mabaleng a mabeli a ntlo ea Jehova.+ 6 A fetisa mora oa hae mollong,+ ’me a sebelisa boselamose+ ’me a batla lipontšo tsa se tlang ’me a etsa hore ho be le ba buisanang le meea+ le litsebi tse bolelang liketsahalo esale pele.+ A etsa se sebe mahlong a Jehova ka tekanyo e khōlō, ho mo siteloa.
7 Ho ekelletsa moo, a beha setšoantšo+ se betliloeng sa palo e halalelang seo a neng a se entse ka tlung+ eo ka eona Jehova a neng a itse ho Davida le ho mora oa hae Solomone: “Ka tlung ena le Jerusalema, eo ke e khethileng melokong eohle ea Iseraele, ke tla beha lebitso la ka ho isa nakong e sa lekanyetsoang.+ 8 Ha ke sa tla boela ke etsa hore maoto a Baiseraele a hlahlathele ho tloha naheng eo ke e fileng baholo-holo+ ba bona, haeba feela ba hlokomela ho etsa ho ea ka sohle seo ke ba laetseng sona,+ esita le malebana le molao oohle oo mohlanka oa ka Moshe a ba laetseng oona.” 9 Ha baa ka ba mamela,+ empa Manase a ’na a ba eka hore ba etse se sebe+ ho feta lichaba+ tseo Jehova a neng a li felisitse ka pel’a bara ba Iseraele.
10 Jehova a ’na a bua ka bahlanka ba hae baprofeta,+ a re: 11 “Ka lebaka la hore Manase+ morena oa Juda o entse lintho tsena tse manyala,+ o entse bokhopo ho feta sohle seo Baamore+ ba bileng teng pele ho eena ba se entseng, ’me o entse hore esita le Bajuda ba etse sebe+ ka litšoantšo tsa hae tse rapeloang tse nyonyehang. 12 Ke ka lebaka leo Jehova Molimo oa Iseraele a boletseng sena, ‘Bonang! ke tlisa tlokotsi holim ’a Jerusalema+ le Juda, eo haeba mang kapa mang a utloa ka eona litsebe tsa hae ka bobeli li tlang ho hlohlona.+ 13 Ka sebele ke tla otlolla holim ’a Jerusalema khoele+ e lekanyang e sebelisitsoeng ho Samaria+ le kofuto e tsitsisang e sebelisitsoeng ntlong ea Akabe;+ ke tla hlakola+ Jerusalema feela joalokaha motho a hlakola sekotlolo se se nang mohele, a se hlakola ’me a se ribeha.+ 14 Ka sebele ke tla furalla masala+ a lefa+ la ka ’me ke nehelane ka ’ona matsohong a lira tsa ’ona, ’me a tla fetoha se tlatlapuoeng le se nkiloeng ka mahahapa ho lira tsohle tsa ’ona,+ 15 ka lebaka la hore a entse se sebe mahlong a ka ’me a ne a ntšiteloa ka ho tsoelang pele ho tloha letsatsing leo baholo-holo ba ’ona ba tsoileng Egepeta ho fihlela letsatsing lena.’”+
16 Manase a boela a tšolla+ mali a mangata haholo a hlokang molato, ho fihlela a tlatsitse Jerusalema ho tloha pheletsong e ’ngoe ho ea ho e ’ngoe, ntle ho sebe sa hae seo ka sona a ileng a etsa hore Bajuda ba sitoe ka ho etsa se sebe mahlong a Jehova.+ 17 Ha e le litaba tse ling kaofela tsa Manase le tsohle tseo a li entseng le sebe sa hae seo ka sona a ileng a sitoa, na ha lia ngoloa bukeng+ ea litaba tsa matsatsi a marena a Juda? 18 Qetellong Manase a robala le baholo-holo+ ba hae ’me a patoa serapeng sa ntlo ea hae, serapeng sa Uza;+ mora oa hae Amone a qala ho busa sebakeng sa hae.
19 Amone+ o ne a le lilemo li mashome a mabeli a metso e ’meli ha a qala ho busa, ’me a busa Jerusalema ka lilemo tse peli.+ Lebitso la ’m ’ae e ne e le Meshulemethe morali oa Haruze ea tsoang Jotba. 20 O ile a tsoela pele ho etsa se sebe mahlong a Jehova, feela joalokaha ntat’ae Manase a ne a entse.+ 21 A ’na a tsamaea tseleng eohle eo ntat’ae a neng a tsamaile ka eona,+ ’me a tsoela pele ho sebeletsa litšoantšo tse rapeloang+ tse nyonyehang tseo ntat’ae a neng a li sebelelitse ’me a li inamela. 22 Kahoo a tlohela Jehova+ Molimo oa baholo-holo ba hae, ’me ha aa ka a tsamaea tseleng ea Jehova.+ 23 Qetellong bahlanka ba Amone ba mo rerela bolotsana ’me ba bolaela+ morena ka tlung ea hae. 24 Empa batho ba naha ba bolaea bohle ba reretseng Morena Amone bolotsana.+ Joale batho ba naha ba etsa mora oa hae Josiase+ morena sebakeng sa hae. 25 Ha e le litaba tse ling kaofela tsa Amone, seo a se entseng, na ha lia ngoloa bukeng+ ea litaba tsa matsatsi a marena a Juda? 26 Kahoo ba mo pata lebitleng la hae serapeng sa Uza;+ mora oa hae Josiase+ a qala ho busa sebakeng sa hae.