2 Likronike
11 Ha Roboame a fihla Jerusalema,+ kapele-pele a phutha ntlo ea Juda le Benjamine,+ banna ba khethehileng ba likete tse lekholo le mashome a robeli ba shahlileng bakeng sa ntoa,+ hore ba loantše Iseraele e le ho khutlisetsa borena ho Roboame. 2 Joale lentsoe la Jehova la tla ho Shemaia+ monna oa Molimo oa ’nete, la re: 3 “E-re ho Roboame mora oa Solomone morena oa Juda+ le ho Baiseraele bohle ba Juda le Benjamine, u re, 4 ‘Sena ke seo Jehova a se boletseng: “Le se ke la nyoloha ’me la loantša barab’abo lōna.+ E mong le e mong a khutlele ntlong ea hae, etsoe ntho ena e hlahile ka tšusumetso ea ka.”’”+ Kahoo ba mamela lentsoe la Jehova ’me ba khutla hore ba se ke ba futuhela Jeroboame.+
5 Roboame a tsoela pele ho lula Jerusalema ’me a haha metse e etselitsoeng liqhobosheane Juda. 6 Kahoo a tsosolosa Bethlehema+ le Etame+ le Tekooa,+ 7 le Bethe-zure+ le Soko+ le Adulame,+ 8 le Gathe+ le Maresha+ le Zife,+ 9 le Adoraime le Lakishe+ le Azeka,+ 10 le Zora+ le Ajalone+ le Hebrone,+ metse e etselitsoeng liqhobosheane, e neng e le Juda le Benjamine. 11 Ho ekelletsa moo, a tiisa libaka tse etselitsoeng liqhobosheane+ ’me a beha baeta-pele+ ho tsona le liphepelo tsa lijo le oli le veine, 12 ’me metseng eohle e fapaneng a beha lithebe+ tse khōlō le marumo;+ a tsoela pele ho e tiisa ka tekanyo e khōlō. Juda le Benjamine tsa tsoela pele e le tsa hae.
13 Baprista le Balevi ba neng ba le Iseraele eohle ba ema le eena ba tsoa libakeng tsohle tsa bona. 14 Etsoe Balevi ba ile ba tlohela makhulo+ a bona le matlotlo+ a bona ’me joale ba tla Juda le Jerusalema,+ hobane Jeroboame+ le bara ba hae ba ne ba ba tlositse+ ho sebetseng e le baprista ba Jehova. 15 A ikhethela baprista bakeng sa libaka tse phahameng+ le bakeng sa bademona+ ba nang le sebōpeho sa lipōli le bakeng sa manamane ao a neng a a entse.+ 16 Ba ileng ba ba latela ba tsoa melokong eohle ea Iseraele ba neng ba nehetse lipelo tsa bona ho batla Jehova Molimo oa Iseraele ba ile ba tla Jerusalema+ ho tla etsetsa Jehova Molimo oa baholo-holo ba bona sehlabelo.+ 17 Ba ’na ba matlafatsa borena ba Juda+ ’me ba tiisa Roboame mora oa Solomone ka lilemo tse tharo, etsoe ba ile ba tsamaea tseleng ea Davida le Solomone ka lilemo tse tharo.+
18 Joale Roboame a nka Mahalathe hore e be mosali oa hae, morali oa Jerimothe mora oa Davida, le oa Abikaile morali oa Eliabe+ mora oa Jese. 19 Ka mor’a nako a mo tsoalla bara, Jeushe le Shemaria le Zahame. 20 Ka mor’a hae a nka Maaka+ setloholo sa Absalome.+ Ka mor’a nako a mo tsoalla Abija+ le Atai le Ziza le Shelomithe. 21 Roboame o ne a rata Maaka setloholo sa Absalome ho feta basali+ ba bang ba hae kaofela le lirethe tsa hae; etsoe o ne a nkile basali ba leshome le metso e robeli, le lirethe tse mashome a tšeletseng, hoo a ileng a tsoala bara ba mashome a mabeli a metso e robeli le barali ba mashome a tšeletseng. 22 Ka lebaka leo Roboame a khetha Abija mora oa Maaka hore e be hlooho, e be moeta-pele har’a barab’abo, etsoe o ne a nahanne ho mo etsa morena. 23 Leha ho le joalo, a etsa ka kutloisiso+ ’me a abela ba bang ho bara bohle ba hae hore ba ee linaheng tsohle tsa Juda le Benjamine,+ metseng eohle e etselitsoeng liqhobosheane,+ ’me a ba fa lijo tse ngata+ le ho ba fumanela basali ba bangata haholo.+