2 Likronike
18 Josafate a ba le maruo le khanya ka bongata;+ empa a etsa selekane+ sa lenyalo le Akabe.+ 2 Kahoo lilemo hamorao a theohela ho Akabe Samaria;+ Akabe a etsa sehlabelo ka linku+ le likhomo tse ngata bakeng sa hae le bakeng sa batho ba neng ba e-na le eena. A qala ho mo hoka-hoka+ hore a futuhele Ramothe-gileade.+ 3 Akabe morena oa Iseraele a tsoela pele ho re ho Josafate morena oa Juda: “Na u tla ea le ’na Ramothe-gileade?”+ Eaba o re ho eena: “Ke tšoana le uena, ’me sechaba sa ka se tšoana le sechaba sa hao ’me se na le uena ntoeng.”+
4 Leha ho le joalo, Josafate a re ho morena oa Iseraele: “Ka kōpo, pele ho tsohle botsa+ lentsoe la Jehova.” 5 Kahoo morena oa Iseraele a phutha baprofeta,+ banna ba makholo a mane, ’me a re ho bona: “Na re loantše Ramothe-gileade, kapa ke tlohele?”+ Ba qala ho re: “Nyoloha, ’me Molimo oa ’nete o tla nehelana ka eona letsohong la morena.”
6 Empa Josafate a re: “Na ho sa ntse ho e-na le moprofeta oa Jehova moo?+ Joale a re botseng ka eena.”+ 7 Eaba morena oa Iseraele o re ho Josafate:+ “Ho sa ntse ho e-na le monna+ a le mong eo ho ka botsoang Jehova ka eena, empa ka sebele ke mo hloile,+ kaha ha a profete se molemo malebana le ’na empa o profeta se sebe,+ ka matsatsi ’ohle a hae. Ke Mikaia mora oa Imla.”+ Leha ho le joalo, Josafate a re: “Morena a se ke a bua ntho e joalo.”+
8 Ka lebaka leo morena oa Iseraele a bitsa molaoli+ oa lekhotla ’me a re: “Tlisa Mikaia mora oa Imla kapele.”+ 9 Joale morena oa Iseraele le Josafate morena oa Juda ba ne ba lutse e mong le e mong teroneng ea hae, ba apere liaparo,+ ’me ba ne ba lutse seotlong se monyako oa heke ea Samaria; baprofeta bohle ba ne ba itšoara joaloka baprofeta ka pel’a bona.+ 10 Joale Tsedekia mora oa Kenana a iketsetsa manaka+ a tšepe ’me a re: “Sena ke seo Jehova a se boletseng,+ ‘Ka ’ona u tla sututsa Basyria ho fihlela u ba felisa.’”+ 11 Baprofeta ba bang bohle ba ne ba profeta se tšoanang le seo, ba re: “Nyolohela Ramothe-gileade ’me u atlehe,+ ka sebele Jehova o tla nehelana ka eona letsohong la morena.”+
12 Lenģosa le neng le il’o bitsa Mikaia la bua le eena, la re: “Bona! Ka tumellano mantsoe a baprofeta ke a molemo ho morena; ka kōpo, lentsoe la hao le ke le be joaloka la e mong oa bona+ ’me u bue se molemo.”+ 13 Empa Mikaia a re: “Ka Jehova ea phelang,+ seo Molimo oa ka a tla se bolela, ke sona seo ke tla se bua.”+ 14 Joale a kena ho morena, eaba morena o re ho eena: “Mikaia, na re loantše Ramothe-gileade, kapa ke tlohele?” Hang-hang a re: “Nyoloha ’me u atlehe; ho tla nehelanoa ka bona letsohong la hao.”+ 15 Eaba morena o re ho eena: “Ke tla u hlapantša+ ka makhetlo a makae hore u se ke ua mpolella letho haese feela ’nete ka lebitso la Jehova?”+ 16 Kahoo a re: “Ka sebele ke bona Baiseraele bohle ba hasane lithabeng, joaloka linku tse se nang molisa.+ Jehova a tsoela pele ho re: ‘Ha ba na benghali.+ E-re e mong le e mong a khutlele ntlong ea hae ka khotso.’”+
17 Joale morena oa Iseraele a re ho Josafate: “Na ha kea ka ka re ho uena, ‘O tla profeta lintho tse mpe malebana le ’na, eseng tse molemo’?”+
18 A tsoela pele ho re: “Ka hona utloang lentsoe la Jehova:+ Ka sebele ke bona Jehova a lutse teroneng+ ea hae ’me lebotho+ lohle la maholimo le eme ka ho la hae le letona le ka ho la hae le letšehali.+ 19 Jehova a re, ‘Ke mang ea tla thetsa Akabe morena oa Iseraele e le hore a ka nyoloha ’me a oela Ramothe-gileade?’ Ha e-ba le puo, enoa a bua hona, ’me eane a bua hoane.+ 20 Qetellong moea+ oa tsoa ’me oa ema ka pel’a Jehova oa re, ‘Ke tla mo thetsa.’ Eaba Jehova o re ho oona, ‘Ka eng?’+ 21 Eaba o re, ‘Ke tla tsoa ’me ka sebele ke tla ba moea o thetsang melomong ea baprofeta+ bohle ba hae.’ Kahoo a re, ‘U tla mo thetsa, ’me ho feta moo, u tla hlōla.+ Tsoa ’me u etse ka tsela eo.’+ 22 Joale bona! Jehova o kentse moea o thetsang melomong ea baprofeta bana ba hao;+ empa Jehova o boletse tlokotsi malebana le uena.”+
23 Joale Tsedekia+ mora oa Kenana+ a atamela ’me a otla Mikaia+ lerameng+ ’me a re: “Ke ka tsela efe moea oa Jehova o ileng oa mpheta hore o bue le uena?”+ 24 Eaba Mikaia o re: “Bona! U tla bona hore na ke ka tsela efe letsatsing+ la ha u tla be u kena ka kamoreng e ka hare-hare ho ea ipata.”+ 25 Joale morena oa Iseraele a re: “Nkang Mikaia ’me le mo khutlisetse ho Amone mookameli oa motse le ho Joashe mora oa morena.+ 26 Le tla re, ‘Sena ke seo morena a se boletseng: “Kenyang motho enoa ka tlung ea botlamuoa+ ’me le mo fepe ka kabelo e fokolitsoeng ea bohobe+ le kabelo e fokolitsoeng ea metsi ho fihlela ke khutla ka khotso.”’”+ 27 Ka mor’a moo Mikaia a re: “Haeba u khutla ka khotso, Jehova ha aa bua le ’na.”+ A eketsa: “Utloang, lōna lichaba tsohle.”+
28 Morena oa Iseraele le Josafate morena oa Juda ba nyolohela Ramothe-gileade.+ 29 Joale morena oa Iseraele a re ho Josafate: “Ke tla ikhakanya+ ’me ke kene ntoeng, empa u apare liaparo tsa hao.”+ Ka lebaka leo morena oa Iseraele a ikhakanya, ’me ka mor’a moo ba kena ntoeng.+ 30 Ha e le morena oa Syria, o ne a laetse baokameli ba likoloi tsa hae, a re: “Le se ke la loantša ba banyenyane kapa ba baholo, empa le loantše morena oa Iseraele feela.”+ 31 Eitse hang ha baokameli ba likoloi ba bona Josafate, ba ipolella ho re: “Ke morena oa Iseraele.”+ Kahoo ba khelohela ka thōko hore ba mo loantše; Josafate a qala ho hoeletsa ho kōpa thuso,+ ’me Jehova a mo thusa,+ ’me hang-hang Molimo a ba leleka ho eena.+ 32 Eitse hang ha baokameli ba likoloi ba bona hore hase morena oa Iseraele, kapele-pele ba khutla hore ba se ke ba mo latela.+
33 Ha e-ba le monna e mong ea ileng a koba seqha sa hae a sa rera, empa a hlaba+ morena oa Iseraele pakeng tsa likarolo tse ling tsa seaparo le seaparo se makhakhapha a tšepe, hoo a ileng a re ho mokhanni oa koloi:+ “Sokolla letsoho la hao, ’me u ’ntše liahelong, hobane ke ntšitsoe maqeba a mabe.”+ 34 Ntoa ea ’na ea loela letsatsing leo, ’me morena oa Iseraele a lokela ho bolokoa a eme ka koloing a shebile Basyria ho fihlela ka shoalane; qetellong a shoa ha letsatsi le likela.+