2 Likronike
27 Jothame+ o ne a le lilemo li mashome a mabeli a metso e mehlano ha a qala ho busa, ’me a busa Jerusalema ka lilemo tse leshome le metso e tšeletseng. Lebitso la ’m ’ae e ne e le Jerusha+ morali oa Tsadoke. 2 A ’na a etsa se nepahetseng mahlong+ a Jehova, ho ea ka sohle seo ntat’ae Uzia a neng a se entse.+ Feela ha aa ka a kena ka tempeleng ea Jehova.+ Leha ho le joalo, batho ba ne ba sa ntse ba etsa ka mokhoa o senyang.+ 3 A haha heke e ka holimo+ ea ntlo ea Jehova, ’me a haha haholo lerakong la Ofele.+ 4 A haha metse+ sebakeng se lithaba sa Juda,+ ’me merung+ a haha libaka tse etselitsoeng liqhobosheane+ le litora.+ 5 A loantša morena oa bara ba Ammone+ ’me qetellong a ba matla ho ba feta, hoo ka selemo seo bara ba Ammone ba ileng ba mo fa litalenta tsa silevera tse lekholo le litekanyo tsa kore+ tse likete tse leshome tsa koro+ le tse likete tse leshome tsa harese.+ Sena ke seo bara ba Ammone ba ileng ba mo lefa sona, le ka selemo sa bobeli le sa boraro.+ 6 Kahoo Jothame a ’na a imatlafatsa, etsoe o ile a lokisa litsela tsa hae ka pel’a Jehova Molimo oa hae.+
7 Ha e le litaba tse ling kaofela tsa Jothame+ le lintoa tsohle tsa hae le litsela tsa hae, li ngotsoe Bukeng+ ea Marena a Iseraele le a Juda. 8 Ha a qala ho busa o ne a le lilemo li mashome a mabeli a metso e mehlano, ’me a busa Jerusalema ka lilemo tse leshome le metso e tšeletseng.+ 9 Qetellong Jothame a robala le baholo-holo ba hae,+ ’me ba mo pata Motseng oa Davida.+ Mora oa hae Akaze+ a qala ho busa sebakeng sa hae.