Jobo
23 Jobo a araba a re:
2 “Esita le kajeno ho tšoenyeha+ ha ka ke borabele;
Letsoho la ka le boima ka lebaka la ho feheloa ha ka.
4 Ke ne ke tla hlahisa nyeoe ea toka ka pel’a hae,
Ke ne ke tla tlatsa molomo oa ka ka likhanyetso;
5 Ke ne ke tla tseba mantsoe ao a nkarabang ka ’ona,
Ke ne ke tla nahana ka seo a mpolellang sona.+
7 Ka sebele ea lokileng o tla lokisa litaba le eena moo,
Ke ne ke tla tsamaea ke sireletsehile ka ho sa feleng ho tloha ho moahloli oa ka.
8 Bonang! Ke ea bochabela, ’me ha a eo;
Ke boetse kea khutla, ’me ha ke mo lemohe;+
9 Ke ea ka ho le letšehali moo a sebetsang teng, empa ha ke mo bone;
O khelohela ka ho le letona, empa ha ke mo bone.
10 Etsoe o tseba hantle tsela eo ke e nkang.+
Ka mor’a hore a nteke, ke tla tsoa ke le joaloka khauta.+
12 Ha ke tlohe taelong ea molomo oa hae.+
Ke bolokile lipolelo tsa molomo+ oa hae ho feta seo ke se laetsoeng.
13 O na le khopolo e le ’ngoe, ’me ke mang ea ka mo hanyetsang?+
Moea oa hae o na le takatso, ’me o tla e phetha.+
14 Etsoe o tla phetha ka ho feletseng seo ke se laetsoeng,+
Lintho tse joaloka tsena li ngata ho eena.
15 Ke ka lebaka leo ke ikutloang ke khathatsehile ka lebaka la hae;
Ke iponahatsa ke ela hloko ’me ke mo tšohile.+
17 Etsoe ha kea khutsisoa ka lebaka la lefifi,
Leha e le hore ke kahobane botšo bo koahetse sefahleho sa ka.