Jobo
40 Jehova a araba Jobo a re:
2 “Na ea tšoaeang liphoso o lokela ho tsekisana le Ea Matla ’Ohle?+
Ea khalemelang Molimo a ke a arabe.”+
3 Jobo a araba Jehova a re:
4 “Bona! Ke fetohile eo e seng oa bohlokoa.+
Ke tla u araba ke re’ng?
Ke behile letsoho molomong.+
5 Ke buile hang, ’me nke ke ka araba;
Ke buile habeli, ’me nke ke ka eketsa ka letho.”
6 Jehova a araba Jobo a le sefefong+ a re:
8 Na ka sebele u tla etsa toka ea ka lefeela?
Na u tla phatlalatsa hore ke khopo e le hore u ka ba ea nepileng?+
9 Kapa na u na le letsoho le tšoanang le la Molimo oa ’nete,+
Na u ka etsa hore ho be le sealuma ka lentsoe le tšoanang le la hae?+
11 Ho tlakoloha ha hao ka bohale+ ho ke ho phalle,
U bone e mong le e mong ea ikhohomosang ’me u mo theolele tlaase.
Koahela lifahleho tsa bona sebakeng se patehileng,
14 Ke tla u babatsa,
Kahobane letsoho la hao le letona le ka u pholosa.
17 E koba mohatla oa eona joaloka kedare;
Mesifa ea lirope tsa eona e rarahane.
18 Masapo a eona ke mathōpo a koporo;
Masapo a eona a thata a joaloka melamu ea tšepe e teiloeng.
21 E botha tlas’a lifate tsa lotase tse meutloa,
Sebakeng se patehileng sa lehlaka+ le sebakeng se qhafu-qhafu.+
22 Lifate tsa lotase tse meutloa li e boloka e sirehile ka moriti oa tsona;
Lipopoliri tsa phula ea molapo o phoroselang li e lika-likelitse.
23 Haeba nōka e phalla ka sekhahla, ha e mathe e tšohile.
E sebete, le hoja Jordane+ e ka akhotsehela molomong oa eona.
24 Na ho na le ea ka e tšoasang e ntse e shebile?
Na ho na le ea ka e phunyang nko ka maraba?