Lipesaleme
Ho motsamaisi. Ea Davida.
14 Ea se nang kelello o itse ka pelong ea hae:
“Jehova ha a eo.”+
Ba entse ka mokhoa o senyang,+ ba itšoere ka mokhoa o manyala mesebetsing ea bona.
Ha ho ea etsang se molemo.+
2 Ha e le Jehova, o talimile tlaase ho bara ba batho a le leholimong,+
Ho bona hore na ho na le ea nang le temohisiso, ea batlang Jehova.+
3 Kaofela+ ba khelohile, ba bolile kaofela ka ho tšoanang;+
Ha ho ea etsang se molemo,+
Esita le ea mong.+