Moeklesia
10 Lintsintsi tse shoeleng li etsa hore oli ea moetsi oa mafura+ e nkhe hampe, e pute. Booatla bo bonyenyane bo etsa joalo ho motho eo e leng oa bohlokoa ka lebaka la bohlale le khanya.+
2 Pelo ea ea bohlale e ka letsohong la hae le letona,+ empa pelo ea ea hlokang kelello e ka letsohong la hae le letšehali.+ 3 Hape tseleng efe kapa efe eo leoatla le tsamaeang ka eona,+ pelo ea lona ea haelloa, ’me ka sebele le bolella e mong le e mong hore ke leoatla.+
4 Haeba moea oa ’musi o ka phahama khahlanong le uena, u se ke ua tloha sebakeng sa hao,+ etsoe ho khutsa ho fokotsa libe tse khōlō.+
5 Ho na le ho hong ho bakang tlokotsi hoo ke ho boneng tlas’a letsatsi, ho tšoana le ha phoso+ e hlaha ka lebaka la ea pusong:+ 6 Booatla bo behiloe maemong a mangata a phahameng,+ empa barui ba tsoela pele ho lula feela boemong bo tlaase.
7 Ke bone bahlanka ba palame lipere empa likhosana li tsamaea fatše feela joaloka bahlanka.+
8 Ea chekang sekoti o tla oela ka ho sona;+ ’me ea phunyeletsang lerakong la majoe, noha e tla mo loma.+
9 Ea fatang majoe o tla intša kotsi ka ’ona. Ea petsolang mafatsa o tla lokela ho ba hlokolosi ka ’ona.+
10 Haeba sesebelisoa sa tšepe se le nthithi ’me e mong a sa leotsa bohale ba sona,+ joale o tla sebelisa mafolofolo a hae. Kahoo ho sebelisa bohlale ka sepheo sa ho atleha ho bolela molemo.+
11 Haeba noha e loma ha ho sa upelloe,+ joale ha ho na molemo ho ea inehellang leleme.
12 Mantsoe a molomo oa ea bohlale a bolela kamohelo,+ empa molomo oa ea hlokang kelello oa mo metsa.+ 13 Qalo ea mantsoe a molomo oa hae ke booatla,+ ’me qetello ea molomo oa hae hamorao ke bohlanya ba tlokotsi. 14 Leoatla le bua mantsoe a mangata.+
Motho ha a tsebe se tlang ho ba teng; ’me se tlang ho ba teng ka mor’a hae, ke mang ea ka mo bolellang sona?+
15 Mosebetsi o boima oa ba hlokang kelello oa ba tepeletsa,+ hobane ha ho le ea mong ea tsebang mokhoa oa ho ea motseng.+
16 Ho tla ba joang ho uena, naha, ha morena oa hao e le moshanyana+ le likhosana tsa hao li tsoela pele ho ja hoseng? 17 Ho thaba uena, naha, ha morena oa hao e le mora oa ba hlomphehang le likhosana tsa hao li ja ka nako e tšoanetseng bakeng sa matla, eseng bakeng sa ho noa feela.+
18 Ka lebaka la botsoa bo boholo libalaka lia oa, ’me ka lebaka la ho tepella ha matsoho ntlo ea nela.+
19 Bohobe bo teng bakeng sa litšeho tsa basebetsi, ’me veine e thabisa bophelo;+ empa chelete e fana ka karabelo linthong tsohle.+
20 Esita le ka kamoreng ea hao ea ho robala u se ke ua rohaka morena,+ ’me ka likamoreng tsa hao tse ka hare moo u robalang u se ke ua rohaka morui ofe kapa ofe;+ etsoe sebōpuoa se fofang sa maholimo se tla fetisa molumo oo ’me ho hong ho nang le mapheo ho tla bolela taba eo.+