Sefela sa Lifela
3 “Ke batlile eo moea oa ka o mo ratileng+ betheng ea ka bosiu. Ke ile ka mo batla, empa ha kea ka ka mo fumana. 2 Ka kōpo, e-re ke eme, ’me ke potolohe motseng;+ e-re ke batle eo moea oa ka o mo ratileng literateng le mapatlelong.+ Ke ile ka mo batla, empa ha kea ka ka mo fumana. 3 Balebeli+ ba neng ba potoloha motseng ba ile ba mphumana, ‘Na le bone eo moea oa ka o mo ratileng?’ 4 Ke ne ke batla ke fetetse pele ho tloha ho bona ho fihlela ke fumana eo moea oa ka o mo ratileng. Ke ile ka mo tšoara, ’me ke ne nke ke ka mo tlohela, ho fihlela ke mo tlisitse ka tlung ea ’Mè le ka kamoreng e ka hare ea ea neng a nkimile. 5 Lōna barali ba Jerusalema, ke le hlapantšitse+ ka litšephe tse tšehali kapa ka likhama tse tšehali tsa naha,+ hore le se ke la leka ho tsosa kapa ho susumetsa lerato ka ho ’na ho fihlela lona le batla.”+
6 “Ntho ee ke eng e nyolohang lefeelleng joaloka topallo ea mosi, e nkhisitsoeng hamonate ka myra le libano tse tšoeu,+ esita le ka phofshoana ea mofuta o mong le o mong e monko o monate ea mohoebi?”+
7 “Bonang! Ke setulo sa hae se kang bethe, sa Solomone. Banna ba matla ba mashome a tšeletseng ba se pota-potile ka hohle, ho tsoa ho banna ba matla ba Iseraele,+ 8 kaofela ha bona ba tšoere sabole, ba rutiloe ntoeng, e mong le e mong sabole ea hae e le seropeng sa hae ka lebaka la tšabo bosiu.”+
9 “Ke lempara leo Morena Solomone a iketselitseng lona ka lifate tsa Lebanone.+ 10 Litšiea tsa lona o li entse ka silevera, litšehetso tsa lona ke tsa khauta. Setulo sa lona ke sa boea bo fetotsoeng ’mala hore bo be bopherese bo bofubelu, bokahare ba lona bo lokisitsoe ka lerato ke barali ba Jerusalema.”
11 “Lōna barali ba Sione, tsoang ’me le talime Morena Solomone ka moqhaka+ oo ’m ’ae+ a mo lohetseng oona letsatsing la lenyalo la hae le letsatsing la ho thaba ha pelo ea hae.”+