Jeremia
12 Jehova, u lokile,+ ha ke ipelaetsa ho uena, ha ke bua le uena le ka litaba tsa kahlolo. Ke hobane’ng ha tsela ea ba khopo e atlehile,+ ha bohle ba etsang bolotsana ba sa tšoenyehe? 2 U ba hlomme; hape ba metse ka metso. Ba ntse ba tsoela pele; ba boetse ba hlahisitse litholoana. U haufi molomong oa bona, empa u hōle le liphio tsa bona.+ 3 Jehova, u ntseba hantle;+ ua mpona, ’me u hlahlobile pelo ea ka ua e fumana e le bonngoeng le uena.+ Ba qolle joaloka linku tse lokelang ho hlajoa,+ ’me u ba behelle ka thōko bakeng sa letsatsi la polao. 4 Naha e tla ’ne e pone halelele hakae,+ le limela tsa tšimo eohle li omelle?+ Ka lebaka la bobe ba ba lulang ho eona liphoofolo le libōpuoa tse fofang li felisitsoe.+ Etsoe ba itse: “Ha a bone bokamoso ba rōna.”
5 Hobane u mathile le batho ba tsamaeang ka maoto, ’me ba ne ba etsa hore u khathale, joale, ke joang u ka mathang peisong le lipere?+ Na u sebete naheng ea khotso?+ Kahoo u tla etsa joang har’a mefero e ikakasang ea Jordane?+ 6 Etsoe esita le barab’eno le ba ntlo ea ntat’ao, le bona ba u sebelitse ka bolotsana.+ Le bona ba hoelelitse ka lentsoe le phahameng ka mor’a hao. U se ke ua beha tumelo leha e le efe ho bona, kahobane feela ba u bolella lintho tse molemo.+
7 “Ke siile ntlo ea ka;+ ke tlohetse lefa la ka;+ ke nehelane ka moratuoa oa moea oa ka letsohong la lira tsa hae.+ 8 Ho ’na lefa la ka le fetohile ho kang tau morung. O phasolohile khahlanong le ’na. Ke ka lebaka leo ke mo hloileng.+ 9 Ho ’na lefa la ka+ le joaloka nonyana e mebala-bala e jang nama; linonyana tse jang nama li le pota-potile.+ Tloong, bokanang, lōna libata tsohle tsa naha; li tliseng hore li je.+ 10 Balisa ba bangata+ ba sentse serapa sa ka sa morara;+ ba hataketse kabelo ea ka.+ Ba fetotse kabelo ea ka e lakatsehang+ lefeella la lesupi. 11 Motho o e entse lesupi;+ e omeletse; e entsoe lesupi ho ’na.+ Naha eohle e entsoe lesupi, hobane ha ho na motho ea e tebiselitseng pelong.+ 12 Batlatlapi ba tlile ka litsela tsohle tse tsamauoang haholo lefeelleng. Etsoe sabole ea Jehova e timetsa ho tloha pheletsong e ’ngoe ea naha ho isa le pheletsong e ’ngoe ea naha.+ Ha ho na khotso bakeng sa nama leha e le efe. 13 Ba jetse koro, empa ba kotutse meutloa.+ Ba sebelitse hore ba be ba kule; ba ke ke ba e-ba le molemo oa letho.+ Ka sebele ba tla hlajoa ke lihlong ka lihlahisoa tsa lōna ka lebaka la bohale bo tukang ba Jehova.”
14 Sena ke seo Jehova a se boletseng khahlanong le baahisani bohle ba ka ba babe,+ ba amang lefa la ka leo ke entseng hore sechaba sa ka, sa Iseraele, se le rue:+ “Bonang! ke ba fothola naheng ea bona;+ ’me ke tla fothola ba ntlo ea Juda har’a bona.+ 15 Etlare ka mor’a hore ke ba fothole ka sebele ke tla ba hauhela+ ’me ke ba khutlisetse, e mong le e mong lefeng la hae le e mong le e mong tšimong ea hae.”+
16 “Haeba ruri ba tla ithuta litsela tsa sechaba sa ka ka ho hlapanya ka lebitso la ka,+ ‘Ka Jehova ea phelang!’ feela joalokaha ba rutile sechaba sa ka ho hlapanya ka Baale,+ ba tla boela ba hahoe har’a sechaba sa ka.+ 17 Empa haeba ba sa mamele, le ’na ke tla fothola sechaba seo, ke se fothole le ho se timetsa,”+ ho bolela Jehova.