Ezekiele
15 Lentsoe la Jehova la boela la hlaha ho ’na, la re: 2 “Mor’a motho, ke ka tsela efe sefate sa morara+ se fapaneng le lifate tse ling kaofela, letlōbō, le bileng teng har’a lifate tsa moru? 3 Na ho sona ho nkiloe palo eo ho ka etsoang mosebetsi ka eona? Kapa na batho ba nka ho sona thakhisa eo ho eona ba fanyehang sesebelisoa sa mofuta leha e le ofe? 4 Bonang! Se tla kenngoa mollong hore e be libeso.+ Ka sebele lintlha tsa sona ka bobeli li tla chesoa ke mollo, ’me karolo ea sona e ka hare ea tlaboha.+ Na se loketse mosebetsi leha e le ofe? 5 Bonang! Ha se feletse, ha se sebelisetsoe mosebetsi leha e le ofe. Ho joalo hakaakang, ha mollo o se chesitse ’me se tlabohile, na se ka sebelisetsoa mosebetsi leha e le ofe o eketsehileng!”+
6 “Ka hona sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng, ‘Feela joaloka sefate sa morara har’a lifate tsa moru, seo ke se nehetseng mollong hore e be libeso, ka ho tšoanang ke nehetse baahi ba Jerusalema.+ 7 Ke ba tjametse.+ Ba tsoile har’a mollo, empa mollo o tla ba chesa.+ Le tla lokela ho tseba hore ke ’na Jehova, ha ke ba tjamela.’”+
8 “‘Ke tla etsa hore naha e be lesupi,+ ka lebaka la hore ba entse ka ho se tšepahale,’+ ho bolela ’Musi Morena Jehova.”