Bagalata
Ho Bagalata
1 Pauluse,+ moapostola,+ eseng ho tsoa ho batho kapa ka motho, empa ka Jesu Kreste+ le Molimo Ntate,+ ea ileng a mo tsosa bafung,+ 2 le barab’abo rōna bohle ba nang le ’na,+ ho liphutheho tsa Galatia:+
3 E se eka le ka ba le mosa o sa tšoanelang le khotso+ e tsoang ho Molimo Ntate le Morena Jesu Kreste. 4 O ile a inehela bakeng sa libe+ tsa rōna e le hore a ka re lopolla tsamaisong ea joale e khopo ea lintho+ ho ea ka thato+ ea Molimo le Ntate oa rōna, 5 eo ho eena e lokelang ho ba khanya ka ho sa feleng le kamehla.+ Amen.
6 Ke hlolloa ke hore le ntse le tlosoa kapele hakana ho Ea+ ileng a le bitsa ka mosa o sa tšoanelang+ oa Kreste ho ea litabeng tse molemo tsa mofuta o mong.+ 7 Empa hase o mong; feela ho na le ba bang ba le bakelang khathatso+ ’me ba batla ho khopamisa litaba tse molemo tse mabapi le Kreste.+ 8 Leha ho le joalo, esita le haeba rōna kapa lengeloi le tsoang leholimong re ne re ka le bolella e le litaba tse molemo ho hong ho fetang seo re ileng ra le bolella sona e le litaba tse molemo, a ke a rohakoe.+ 9 Joalokaha re boletse ka holimo, joale ke boetse ke re hape, Mang kapa mang ea le bolellang e le litaba tse molemo ho hong ho fetang seo le ileng la se amohela,+ a ke a rohakoe.
10 Ha e le hantle, na joale ke leka ho susumetsa batho kapa Molimo? Kapa na ke batla ho khahlisa batho?+ Haeba ke ne ke sa ntse ke khahlisa batho,+ nka be ke se lekhoba la Kreste.+ 11 Etsoe kea le tsebisa, barab’eso, hore litaba tse molemo tseo ke ileng ka li bolela e le litaba tse molemo hase ntho e tsoang ho batho;+ 12 kaha ha kea ka ka li amohela ho motho, leha e le hore ke ile ka li rutoa, haese ka tšenolo ka Jesu Kreste.+
13 Ka ho hlakileng, le ile la utloa ka boitšoaro ba ka pele Bojudeng,+ hore ka ho feteletseng ke ile ka ’na ka hlorisa+ phutheho ea Molimo le ho e ripitla,+ 14 ’me ke ne ke hatela pele Bojudeng ho feta ba bangata ba lilemo tsa ka morabeng oa heso,+ kaha ke ne ke chesehela+ lineano+ tsa bo-Ntate haholo. 15 Empa ha Molimo, ea ileng a nkarohanya le pōpelo ea ’Mè eaba o mpitsa+ ka mosa oa hae o sa tšoanelang,+ a nahana hore ho molemo 16 ho senola Mora oa hae mabapi le ’na,+ e le hore nka bolella lichaba+ litaba tse molemo tse mabapi le eena, ha kea ka ka kena hang-hang lipuisanong le nama le mali.+ 17 Hape ha kea ka ka nyolohela Jerusalema ho bao e neng e le baapostola pele ho ’na,+ empa ka kena Arabia, eaba ke khutlela Damaseka hape.+
18 Joale lilemo tse tharo hamorao ka nyolohela Jerusalema+ ho etela Kefase,+ ’me ka lula le eena matsatsi a leshome le metso e mehlano. 19 Empa ha kea ka ka bona e mong hape oa baapostola, haese feela Jakobo+ mor’abo+ Morena. 20 Joale mabapi le lintho tseo ke le ngollang tsona, bonang! mahlong a Molimo, ha ke bue leshano.+
21 Ka mor’a moo ka kena+ libakeng tsa Syria le tsa Silisia. 22 Empa liphutheho tsa Judea tse neng li le bonngoeng le Kreste li ne li sa ntsebe ka sefahleho;+ 23 li ne li ee li utloe feela ha ho thoe: “Monna ea neng a re hlorisa+ pele hona joale o se a bolela litaba tse molemo tse mabapi le tumelo eo a neng a e ripitla pele.”+ 24 Kahoo tsa qala ho tlotlisa+ Molimo ka lebaka la ka.