Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Genese 35:22
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 22 Eitse ha Iseraele a sa ntse a lutse ka nakoana+ naheng eo ka lekhetlo le leng Rubene a ea ’me a robala le Bilha serethe sa ntat’ae, eaba Iseraele o utloa ka hona.+

      Kahoo bara ba Jakobo ba ne ba le leshome le metso e ’meli.

  • Genese 37:22
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 22 Rubene a tsoela pele ho re ho bona: “Le se ke la tšolla mali.+ Mo lahleleng ka sekoting sena sa metsi se lefeelleng ’me le se ke la mo isa letsoho ka mabifi.”+ Morero oa hae e ne e le ho mo lopolla matsohong a bona e le hore a ka mo khutlisetsa ho ntat’ae.

  • Genese 49:3
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 3 “Rubene, u letsibolo la ka,+ matla a ka le tšimoloho ea matla a ka a ho ikatisa,+ bokhabane bo hlomphehang le bokhabane ba matla.

  • Exoda 6:14
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 14 Tsena ke lihlooho tsa matlo a bo-ntat’a bona: Bara ba Rubene, letsibolo la Iseraele,+ e ne e le Hanoke le Palu, Hezrone le Karmi.+ Ana ke malapa a Rubene.+

  • 1 Likronike 5:1
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 5 Bara ba Rubene+ letsibolo la Iseraele—etsoe e ne e le letsibolo;+ empa ka lebaka la ho silafatsa liphate tsa ntat’ae+ tokelo ea hae joaloka letsibolo e ile ea fuoa bara ba Josefa+ mora oa Iseraele, hoo a neng a ke ke a ngolisoa ho ea ka leloko bakeng sa tokelo ea letsibolo.

  • Tšenolo 7:5
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 5 Molokong oa Juda+ ho tiisitsoe ba likete tse leshome le metso e ’meli;

      molokong oa Rubene+ ba likete tse leshome le metso e ’meli;

      molokong oa Gade+ ba likete tse leshome le metso e ’meli;

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela