Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Genese 2:17
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 17 Empa ha e le sefate sa tsebo ea botle le bobe u se ke ua ja tsa sona, etsoe ka letsatsi leo ka lona u jang tsa sona ka sebele u tla shoa.”+

  • Genese 3:19
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 19 U tla ja bohobe ka mofufutso oa phatla ea hao ho fihlela u khutlela mobung, kaha u ntšitsoe ho oona.+ Etsoe u lerōle ’me u tla khutlela lerōleng.”+

  • Pesaleme 146:4
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    •  4 Moea oa hae oa tsoa,+ eena o khutlela lerōleng la hae;+

      Ka letsatsi leo menahano ea hae ea timela.+

  • Liproverbia 21:16
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 16 Ha e le motho ea hlahlathelang tseleng ea temohisiso,+ o tla lula phuthehong ea ba se nang matla lefung.+

  • Moeklesia 6:6
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 6 Esita leha ho ka thoe o phetse lilemo tse sekete ka makhetlo a mabeli leha ho le joalo a sa bona se molemo,+ na hase sebakeng se le seng feela moo e mong le e mong a eang teng?+

  • Moeklesia 9:5
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 5 Etsoe ba phelang baa tseba hore ba tla shoa;+ empa ha e le ba shoeleng, ho hang ha ba tsebe letho,+ leha e le hore ba sa na le moputso, hobane ho hopoloa ha bona ho lebetsoe.+

  • Ezekiele 18:4
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 4 Bonang! Meea eohle—ke ea ka.+ Moea+ oa ntate le moea oa mora ka ho tšoanang—ke ea ka.+ Moea o etsang sebe+—ke oona o tla shoa.+

  • Baroma 6:23
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 23 Etsoe moputso oo sebe se o lefang ke lefu,+ empa mpho+ eo Molimo a fanang ka eona ke bophelo bo sa feleng+ ka Kreste Jesu Morena+ oa rōna.

  • 1 Bakorinthe 15:22
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 22 Etsoe feela joalokaha ka Adama bohle ba shoa,+ kahoo hape bohle ba tla phelisoa ka Kreste.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela