Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Genese 46:34
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 34 Le tla re, ‘Bahlanka ba hao e ’nile ea e-ba bahlokomeli ba liphoofolo tse ruiloeng ho tloha bocheng ba rōna ho fihlela joale, rōna hammoho le baholo-holo ba rōna,’+ e le hore le ka lula naheng ea Goshene,+ hobane molisa e mong le e mong oa linku ke ntho e manyala Egepeta.”+

  • Genese 47:1
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 47 Tumellanong le hoo Josefa a tla ’me a tlalehela Faro a re:+ “Ntate le barab’eso ba tlile le mehlape ea bona ea likhutšoane le mehlape ea bona ea liphoofolo tse khōlō le sohle seo ba nang le sona ho tsoa naheng ea Kanana, ’me bona! ba naheng ea Goshene.”+

  • Exoda 8:22
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 22 Ka sebele letsatsing leo ke tla etsa hore naha ea Goshene eo batho ba ka ba leng ho eona e khethollehe, hore ho se ke ha e-ba le liboba teng;+ e le hore le tsebe hore ke ’na Jehova har’a lefatše.+

  • Exoda 9:26
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 26 Ke naheng ea Goshene feela, moo bara ba Iseraele ba neng ba le teng, moo ho sa kang ha e-ba le sefako.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela