Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Genese 12:7
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 7 Joale Jehova a hlaha ho Abrame a re: “Ke tla fa peō+ ea hao naha ena.”+ Ka mor’a moo a haha aletare moo bakeng sa Jehova, ea ileng a hlaha ho eena.

  • Genese 15:6
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 6 ’Me a beha tumelo ho Jehova;+ eaba o mo balla hoo e le ho loka.+

  • Genese 17:5
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 5 Ha u sa tla hlola u bitsoa Abrame, lebitso la hao e tla ba Abrahama, hobane ke tla u etsa ntat’a lichaba tse ngata.

  • Genese 18:19
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 19 Etsoe ke mo tsebile e le hore a ka laela bara ba hae le ba ntlo ea hae ba tlang ka mor’a hae hore ba boloke tsela ea Jehova ba etse ho loka le kahlolo;+ e le hore ka sebele Jehova a ka tlisetsa Abrahama seo a se buileng ka eena.”+

  • Johanne 8:39
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 39 Ha ba araba ba re ho eena: “Ntat’a rōna ke Abrahama.”+ Jesu a re ho bona: “Haeba le bana+ ba Abrahama, le etse mesebetsi ea Abrahama.

  • Baroma 4:11
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 11 O ile a amohela pontšo,+ e leng, lebollo, e le tiiso ea ho loka ka tumelo eo a neng a e-na le eona ha a ntse a le boemong ba hae ba ho se bolle, e le hore e ka ba ntat’a+ bohle ba nang le tumelo+ ha ba ntse ba le ho se bolleng, e le hore ba balloe ho loka;

  • Bagalata 3:16
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 16 Joale litšepiso li ile tsa bolelloa Abrahama+ le peō ea hae.+ Ha le re: “Le ho lipeō,” joaloka tabeng ea tse ngata, empa joaloka tabeng ea e le ’ngoe le re:+ “Le ho peō ea hao,”+ e leng Kreste.+

  • Baheberu 11:17
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 17 Ka tumelo Abrahama, ha a lekoa,+ ho ile ha tšoana leha a nyehetse Isaka, ’me monna ea neng a amohetse litšepiso ka nyakallo a leka ho nyehela mora+ oa hae ea tsoetsoeng a ’notši,

  • Jakobo 2:23
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 23 ’me lengolo le ile la phethahala le reng: “Abrahama o ile a beha tumelo ho Jehova, ’me a balloa hoo e le ho loka,”+ ’me a bitsoa “motsoalle+ oa Jehova.”

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela