Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Exoda 36:35
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 35 A etsa lesira+ ka tšoele e putsoa le boea bo fetotsoeng ’mala hore bo be bopherese bo bofubelu le khoele e ’mala o sekareleta oa kokase le line ea boleng bo botle e lohiloeng. A le etsa le e-na le likerubime tseo e leng mosebetsi oa mokhabisi ea rokellang.+

  • Exoda 40:21
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 21 A kenya Areka ka har’a tabernakele ’me a beha lesira+ la tšireletso sebakeng sa lona ’me a thibela hore ho se ke ha fihloa arekeng ea bopaki,+ feela joalokaha Jehova a ne a laetse Moshe.

  • Levitike 16:2
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 2 Jehova a re ho Moshe: “Bua le moholoane oa hao Arone, hore ha aa lokela ho tla ka linako tsohle sebakeng se halalelang+ ka har’a lesira,+ ka pel’a sekoahelo se holim ’a Areka, hore a se ke a shoa;+ hobane ke tla hlaha holim ’a sekoahelo+ ka leru.+

  • Luka 23:45
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 45 hobane khanya ea letsatsi e ile ea fela; joale lesira+ la sehalalelo la hahoha ka lehare.+

  • Baheberu 6:19
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 19 Re na le tšepo+ ena e le ankora bakeng sa moea, e le ea ’nete ’me e le e tiileng, ’me e kena ka lesireng,+

  • Baheberu 9:3
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 3 Empa ka mor’a lesira+ la bobeli ho ne ho e-na le kamore ea tente e bitsoang “Sehalalelisiso.”+

  • Baheberu 10:20
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 20 eo a ileng a re qalla eona e le tsela e ncha le e phelang e phunyeletsang lesira,+ ke hore, nama+ ea hae,

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela