30 Qetellong ba etsa lekapa le benyang, pontšo e halalelang ea boinehelo, ka khauta e hloekileng ’me ba ngola holim ’a lona mantsoe a ngotsoeng ka mongolo o fatiloeng o kang oa tiiso: “Khalalelo ke ea Jehova.”+
9 Joale a mo roesa tuku+ hloohong ’me karolong e ka pele ea tuku a beha lekapa le benyang la khauta, pontšo e halalelang ea boinehelo,+ feela joalokaha Jehova a ne a laetse Moshe.
20 “Letsatsing leo holim ’a mangenengene a pere ho tla ba+ le ‘Khalalelo ke ea Jehova!’+ Lipitsa tse molomo o moholo+ tse ka tlung ea Jehova li tla ba joaloka likotlolo+ ka pel’a aletare.+
26 Etsoe moprista ea phahameng joaloka enoa o ne a loketse bakeng sa rōna,+ ea tšepahalang,+ ea se nang mano,+ ea sa silafalang,+ ea arohileng ho baetsalibe,+ le ea phahametseng maholimo.+