Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Levitike 10:17
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 17 “Ke hobane’ng ha le sa jella nyehelo ea sebe sebakeng se halalelang,+ kaha ke ntho e halalelang ka ho fetisisa ’me o le file eona e le hore le arabe bakeng sa phoso ea phutheho e le hore a koahele libe tsa eona ka pel’a Jehova?+

  • Levitike 22:9
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 9 “‘Ba boloke tlamo ea bona ho ’na, hore ba se ke ba jara sebe ka lebaka la eona eaba ba lokela ho shoa+ ka lebaka la eona hobane ba ne ba e silafatsa. Ke ’na Jehova ea ba halaletsang.

  • Numere 18:1
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 18 Jehova a re ho Arone: “Uena le bara ba hao hammoho le ntlo ea ntat’ao le tla arabella phoso khahlanong le sehalalelo,+ ’me uena hammoho le bara ba hao le tla arabella phoso khahlanong le boprista+ ba lōna.

  • Esaia 53:11
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 11 Ka lebaka la khathatso ea moea oa hae o tla bona,+ a khotsofale.+ Ka lebaka la tsebo ea hae ea lokileng, mohlanka oa ka,+ o tla tlisa boemo bo lokileng ho batho ba bangata;+ ’me o tla jara liphoso tsa bona.+

  • 2 Bakorinthe 5:21
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 21 Ea sa kang a tseba sebe+ o ile a mo etsa hore e be sebe+ bakeng sa rōna, e le hore re ka ba ho loka+ ha Molimo ka eena.

  • Baheberu 9:28
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 28 kahoo le eena Kreste o ile a nyeheloa hang+ le ka ho ke keng ha phetoa ho jara libe tsa ba bangata;+ ’me ka lekhetlo+ la bobeli ha a bonahala+ e tla ba kantle le sebe+ le ho ba mo batlang ka tieo bakeng sa poloko+ ea bona.

  • 1 Petrose 2:24
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 24 O ile a jara libe+ tsa rōna ’meleng oa hae thupeng,+ e le hore re ka qeta ka libe+ ’me ra phelela ho loka. “Le ile la folisoa ka metopa ea hae.”+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela