Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Levitike 7:34
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 34 Etsoe mahlabelong a kopanetsoeng a bara ba Iseraele ke nka sefuba sa nyehelo+ e tsokoang le leoto la karolo e halalelang, ’me ke tla li fa moprista Arone le bara ba hae, e le molao oa tsamaiso ho isa nakong e sa lekanyetsoang, ho bara ba Iseraele.

  • Levitike 10:14
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 14 Le tla jella sefuba sa nyehelo+ e tsokoang le leoto la karolo+ e halalelang sebakeng se hloekileng, lōna le bara ba lōna le barali ba lōna,+ hobane li fanoe e le kabelo ea lōna le kabelo ea bara ba lōna mahlabelong a kopanetsoeng a bara ba Iseraele.

  • Numere 15:19
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 19 ha le ja bohobe leha e le bofe ba naha+ eo, le etsetse Jehova monehelo.

  • Numere 18:24
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 24 Etsoe karolo ea leshome ea bara ba Iseraele, eo ba tla e nehela ho Jehova e le monehelo, ke e file Balevi e le lefa. Ke ka lebaka leo ke itseng ho bona, ‘Ha baa lokela ho rua lefa+ har’a bara ba Iseraele.’”

  • Deuteronoma 18:3
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 3 “Joale sena se lokela ho tsoela pele e le tokelo e loketseng ea baprista e tsoang ho sechaba, e tsoang ho ba etsang phofu sehlabelo, ebang ke poho kapa nku: Motho a fe moprista sephaka le mehlahare le moholu.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela