2 Moshe a bitsa Bezaliele le Oholiabe le monna e mong le e mong ea pelo e hlalefileng eo Jehova a kentseng bohlale pelong ea hae,+ e mong le e mong eo pelo ea hae e ileng ea mo susumelletsa ho atamela mosebetsi e le hore a o etse.+
12 Etsoe haeba ho itokisa ho le teng pele, ho amoheleha ka ho khethehileng ho ea ka seo motho a nang le sona,+ eseng ho ea ka seo motho a se nang sona.
7 E mong le e mong a ke a etse feela joalokaha a entse qeto e tiileng pelong ea hae, eseng ka lekhonono+ kapa ka ho qobelloa, kaha Molimo o rata ea fanang a nyakaletse.+