Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Exoda 7:11
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 11 Leha ho le joalo, Faro le eena a bitsa banna ba bohlale le baloi;+ ’me baprista ba Egepeta ba sebelisang boselamose le bona ba etsa ntho e tšoanang ka tsebo ea bona ea boselamose.+

  • Exoda 8:7
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 7 Leha ho le joalo, baprista ba sebelisang boselamose ba etsa ntho e tšoanang ka tsebo ea bona ea sephiri ’me ba etsa hore lihoho li nyolohele naheng ea Egepeta.+

  • Daniele 1:20
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 20 Mabapi le taba e ’ngoe le e ’ngoe ea bohlale le kutloisiso+ eo morena a neng a ba botsa eona, o ile a fumana ba bile ba le bohlale ka makhetlo a leshome ho feta baprista bohle ba sebelisang boselamose+ le linohe+ tse neng li le sebakeng sohle sa hae se pusong ea borena.

  • Liketso 8:9
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 9 Joale motseng oo ho ne ho e-na le monna ea itseng ea bitsoang Simone, eo, pele ho sena, a neng a sebelisa tsebo ea boselamose+ ’me a makatsa sechaba sa Samaria, a re ke motho e moholo.+

  • 2 Bakorinthe 11:14
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 14 Ha ho makatse, etsoe Satane o ntse a iphetola lengeloi la leseli.+

  • 2 Timothea 3:8
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 8 Joale ka tsela eo Janese le Jambrese+ ba ileng ba hanyetsa Moshe ka eona, kahoo bana le bona ba tsoela pele ho hanyetsa ’nete,+ banna ba bolileng ka ho feletseng kelellong,+ ba sa amoheleheng mabapi le tumelo.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela