21 “Etsoe sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng, ‘Kahoo, ho tla ba joalo ha ho e-ba le liketso tsa ka tse ’nè tse kotsi tsa kahlolo+—sabole le tlala le sebata se kotsi le lefu la seoa+—tseo ke tla li romela Jerusalema e le hore ke felise motho oa lefatše le phoofolo e ruuoang ho eona.+
10 “‘Ka romela har’a lōna lefu la seoa le sebōpehong sa la Egepeta.+ Ka bolaea bahlankana ba lōna ka sabole,+ hammoho le ho hapa lipere+ tsa lōna. Ka ’na ka etsa hore monko o mobe oa liahelo tsa lōna o nyolohele esita le linkong tsa lōna;+ empa ha lea ka la khutlela ho ’na,’+ ho bolela Jehova.