Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Joshua 2:10
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 10 Etsoe re utloile kamoo Jehova a ileng a pshesa metsi a Leoatle le Lefubelu ka pel’a lōna ha le tsoa Egepeta,+ le seo le ileng la se etsa ho marena a mabeli a Baamore a neng a le ka lehlakoreng lane la Jordane, e leng, Sihone+ le Oge,+ ao le ileng la a nehela timetso.+

  • 1 Likronike 16:24
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 24 Phetang khanya ea hae har’a lichaba,

      Le phete liketso tsa hae tse hlollang har’a batho bohle.

  • Esaia 63:12
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 12 Ea isang letsoho la Hae le letle+ letsohong le letona la Moshe; Ea arolang metsi ka pel’a bona+ e le hore a iketsetse lebitso le hlolang ka nako e sa lekanyetsoang;+

  • Malakia 1:11
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 11 “Etsoe ho tloha bochaba-tsatsi esita le ho isa bophirima-tsatsi lebitso la ka le tla ba leholo har’a lichaba,+ ’me sebakeng se seng le se seng ho tla etsoa mosi oa sehlabelo,+ lebitso la ka le tla etsetsoa nyehelo, esita le mpho e hloekileng;+ hobane lebitso la ka le tla ba leholo har’a lichaba,”+ ho boletse Jehova oa mabotho.

  • Baroma 9:17
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 17 Etsoe Lengolo le re ho Faro: “Ke u tloheletse hore u ’ne u be teng ka lebaka lona lena, e le hore mabapi le uena nka bontša matla a ka, le hore lebitso la ka le ka boleloa lefatšeng lohle.”+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela