5 Sechaba sa ’na sa bua Molimo+ le Moshe+ hampe: “Ke hobane’ng ha le re ntšitse naheng ea Egepeta ho tla shoella lefeelleng?+ Etsoe ha ho na bohobe le metsi,+ ’me meea ea rōna e se e nyonya bohobe+ bona bo eisehang.”
16 ea u fepileng ka manna+ lefeelleng, ao bo-ntat’ao ba neng ba sa a tsebe, hore a u kokobetse+ le hore a u leke e le hore a u etsetse se molemo mehleng ea hao e tlang;+
12 Joale manna a fela letsatsing le latelang ha ba jele tse ling tsa lihlahisoa tsa naha, ’me manna ha aa ka a hlola a e-ba teng bakeng sa bara ba Iseraele,+ eaba ba qala ho ja lihlahisoa tsa naha ea Kanana selemong seo.+
58 Bona ke bohobe bo theohileng leholimong. Ha ho joalokaha baholo-holo ba lōna ba ile ba ja ’me leha ho le joalo ba shoa. Ea jang bohobe bona o tla phela ka ho sa feleng.”+
4 E ne e e-na le pitsa+ ea khauta ea ho chesetsa libano le areka ea selekane+ e koahetsoeng ka khauta+ ho pota-pota ka hohle, eo ka ho eona ho neng ho e-na le nkho ea khauta e nang le manna+ le molamu oa Arone o ileng oa ba le lithunthung+ le matlapa+ a selekane;