3 Joale Moshe a tla eaba o phetela sechaba mantsoe ’ohle a Jehova le liqeto tsohle tsa boahloli,+ ’me sechaba sohle sa araba ka lentsoe le le leng sa re: “Mantsoe ’ohle ao Jehova a a buileng re ikemiselitse ho a phetha.”+
14 Ke ’na eo Jehova a ileng a mo laela ka nako eo hore a le rute melao ea tsamaiso le liqeto tsa boahloli, e le hore le li phethe naheng eo le fetelang ho eona ho ea e rua.+
4 Jehova,+ ka sebele ke mang ea ke keng a u tšaba,+ ’me a tlotlisa lebitso la hao,+ hobane ke uena feela ea tšepahalang?+ Etsoe lichaba kaofela li tla tla ’me li rapele ka pel’a hao,+ hobane melao-taelo ea hao e lokileng e bonahalitsoe.”+