9 Etsoe molao o reng, “U se ke ua feba,+ U se ke ua bolaea,+ U se ke ua utsoa,+ U se ke ua chacheha ka mohono,”+ le taelo efe kapa efe e teng, e akarelitsoe polelong ena, e reng, “U rate moahelani oa hao joalokaha u ithata.”+
28 Ea utsoang a se ke a hlola a utsoa,+ empa ho e-na le hoo, a sebetse ka thata, a etse mosebetsi o molemo ka matsoho a hae,+ e le hore a ka ba le ho hong hoo a ho abelang ea hlokang.+
15 Leha ho le joalo, ho se ke ha e-ba le ea mong oa lōna ea utloang bohloko+ kahobane e le ’molai kapa lesholu kapa moetsi oa bobe kapa e le ea itšunya-tšunyang+ litabeng tsa batho ba bang.