Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Exoda 12:49
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 49 Ho tla ba le molao o le mong bakeng sa letsoalloa le bakeng sa mojaki ea lulang e le mojaki har’a lōna.”+

  • Levitike 17:10
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 10 “‘Motho leha e le ofe oa ntlo ea Iseraele kapa mojaki ea itseng ea lulang e le mojaki har’a lōna ea jang mali+ a mofuta leha e le ofe, ka sebele ke tla tjamela moea+ o jang mali, ’me ruri ke tla mo felisa har’a batho ba habo.

  • Levitike 19:34
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 34 Mojaki ea lulang e le mojaki hammoho le lōna o lokela ho ba ho lōna joaloka letsoalloa la habo lōna; le mo rate joalokaha le ithata,+ etsoe le bile bajaki naheng ea Egepeta.+ Ke ’na Jehova Molimo oa lōna.

  • Numere 9:14
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 14 “‘Haeba mojaki a lula le lōna e le mojaki, le eena a lokisetse Jehova+ sehlabelo sa paseka. Ho ea ka taelo e hlomamisitsoeng ea paseka le ho ea ka mokhoa oa eona o tloaelehileng ke tsela eo a tla etsa ka eona.+ Ho lokela hore ho be le taelo e le ’ngoe e hlomamisitsoeng bakeng sa lōna, bakeng sa mojaki le bakeng sa letsoalloa la naha.’”+

  • Numere 15:16
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 16 Ho tla ba le molao o le mong le qeto e le ’ngoe ea boahloli bakeng sa lōna le bakeng sa mojaki ea lulang e le mojaki le lōna.’”+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela