Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Levitike 25:25
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 25 “‘Haeba mor’eno a futsaneha ’me a lokela ho rekisa setša se seng sa hae, morekolli ea amanang haufi-ufi le eena a tle ’me a rekolle seo mor’abo a se rekisitseng.+

  • Deuteronoma 15:7
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 7 “Haeba e mong oa barab’abo lōna a futsaneha har’a lōna ho o mong oa metse ea lōna, naheng eo Jehova Molimo oa lōna a le fang eona, le se ke la thatafatsa lipelo tsa lōna kapa la ba lekhonatha ho mor’abo lōna oa mofutsana.+

  • Pesaleme 41:1
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 41 Ho thaba mang kapa mang ea nahanelang motho ea tlaase;+

      Jehova o tla mo pholosa letsatsing la tlokotsi.+

  • Liproverbia 14:20
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 20 Ea nang le ho honyenyane o hloiloe le ke oa habo,+ empa metsoalle ea morui e mengata.+

  • Liproverbia 17:5
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 5 Ea fetolang ea nang le ho honyenyane litšeho o nyelisitse Moetsi oa hae.+ Ea thabelang koluoa ea e mong a ke ke a lokoloha kotlong.+

  • Liproverbia 19:17
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 17 Ea bontšang mohau ho ea tlaase o alima Jehova,+ ’me O tla mo buseletsa tšoaro ea hae.+

  • Mareka 14:7
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 7 Etsoe kamehla le na le mafutsana,+ ’me neng kapa neng ha le batla le ka a etsetsa molemo kamehla, empa le ke ke la ba le ’na kamehla.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela