Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Exoda 22:25
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 25 “Haeba u alima sechaba sa ka chelete, u alima ea hlorileng ea haufi le uena,+ u se ke ua ba joaloka ea alimanang a batla tsoala ho eena. U se ke ua batla phaello ho eena.+

  • Deuteronoma 23:19
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 19 “U se ke ua lefisa mor’eno phaello,+ phaello ea chelete, phaello ea lijo,+ phaello ea ntho leha e le efe eo motho a ka batlang phaello ea eona.

  • Nehemia 5:7
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 7 Kahoo pelo ea ka ea nahana ka hare ho ’na, ’me ka qala ho fumana molato+ ho bahlomphehi le batlatsi ba ’musi, eaba ke tsoela pele ho re ho bona: “Le batla tsoala,+ e mong le e mong ho mor’abo.”

      Ho ekelletsa moo, ka lokisetsa seboka se seholo ka lebaka la bona.+

  • Pesaleme 15:5
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    •  5 Ha aa fana ka chelete ea hae ka phaello,+

      Ha aa nka tjotjo khahlanong le ea hlokang molato.+

      Ea etsang lintho tsena le ka mohla a ke ke a therekelisoa.+

  • Liproverbia 28:8
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 8 Ea atisang matlotlo a hae ka phaello+ le tsoala o a bokellela ea bontšang mohau ho ba tlaase.+

  • Ezekiele 18:13
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 13 O fane ka tsoala,+ o nkile phaello,+ ka sebele a ke ke a tsoela pele a phela. O entse lintho tsena tsohle tse manyala.+ Ka sebele o tla bolaoa. Mali a hae a tla ba holim ’a hae.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela