Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Deuteronoma 28:25
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 25 Jehova o tla etsa hore u hlōloe ka pel’a lira tsa hao.+ U tla li futuhela ka tsela e le ’ngoe, empa u tla li baleha ka litsela tse supileng; u tla fetoha ntho e tšosang ho mebuso eohle ea lefatše.+

  • Baahloli 2:14
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 14 Eaba bohale ba Jehova bo tukela Baiseraele,+ hoo a ileng a nehelana ka bona matsohong a ba nkang thepa ka mahahapa, ’me ba qala ho e nkela thepa ka mahahapa;+ a ba rekisetsa lira tsa bona tse neng li ba pota-potile,+ ’me ba ne ba se ba sa khone ho ema ka pel’a lira tsa bona.+

  • 1 Samuele 4:10
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 10 Ka lebaka leo Bafilista ba loana ’me Baiseraele ba hlōloa,+ eaba e mong le e mong o balehela tenteng ea hae;+ ’me polao ea e-ba khōlō haholo,+ hoo ho Baiseraele ho ileng ha oa banna ba likete tse mashome a mararo ba tsamaeang ka maoto.+

  • Lillo Tsa Jeremia 2:17
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 17 Jehova o entse seo a neng a se hopotse.+ O phethahalitse polelo ea hae,+

      Seo a neng a se laetse ho tloha matsatsing a khale.+ O qhaqhile ’me ha aa bontša qenehelo.+

      O etsa hore sera se thabe ka lebaka la hao.+ O phahamisitse lenaka la bahanyetsi ba hao.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela