Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Levitike 1:4
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 4 O tla beha letsoho la hae holim ’a hlooho ea nyehelo ea secheso, ’me e tla amoheloa+ ka mosa bakeng sa hore a koahele libe tsa hae.+

  • Levitike 3:2
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 2 A behe letsoho hloohong+ ea nyehelo ea hae, ’me e hlajoe monyako oa tente ea pokano; bara ba Arone, baprista, ba fafatse mali ho potoloha aletare.

  • Levitike 4:4
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 4 A tlise poho monyako oa tente ea pokano+ ka pel’a Jehova ’me a behe letsoho holim ’a hlooho ea poho,+ ebe o hlaba poho ka pel’a Jehova.

  • Levitike 16:21
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 21 Arone a behe matsoho+ a hae a mabeli hloohong ea pōli e phelang ’me a bolele+ holim ’a eona liphoso+ tsohle tsa bara ba Iseraele le bofetoheli ba bona libeng+ tsohle tsa bona, ’me a li behe hloohong ea pōli+ ’me a e lokolle hore e tsamaee ho ea lefeelleng+ ka letsoho la motho+ ea itokisitseng.

  • Liproverbia 28:13
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 13 Ea koahelang litlōlo tsa hae a ke ke a atleha,+ empa ea li bolelang ’me a li tlohela o tla bontšoa mohau.+

  • Esaia 53:6
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 6 Re lelerile kaofela joaloka linku;+ e mong le e mong oa rōna o ile a leba tseleng ea hae; ’me Jehova o entse hore phoso ea rōna e tobane le eena.+

  • Matheu 8:17
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 17 e le hore ho ka phethahala se ileng sa buuoa ka moprofeta Esaia, ha a re: “O ile a nka maloetse a rōna ’me a jara mafu a rōna.”+

  • 1 Petrose 2:24
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 24 O ile a jara libe+ tsa rōna ’meleng oa hae thupeng,+ e le hore re ka qeta ka libe+ ’me ra phelela ho loka. “Le ile la folisoa ka metopa ea hae.”+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela