Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Deuteronoma 30:6
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 6 Jehova Molimo oa hao o tla lokela ho bolotsa pelo+ ea hao le pelo ea bana ba hao,+ e le hore u ka rata Jehova Molimo oa hao ka pelo ea hao eohle le ka moea oa hao oohle ka lebaka la bophelo ba hao.+

  • Jeremia 4:4
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 4 Ipolotseng ho Jehova, ’me le bolotse matlalo a lipelo tsa lōna,+ lōna banna ba Juda le baahi ba Jerusalema; hore khalefo ea ka e se ke ea tsoa joaloka mollo, ’me ka sebele ea tuka hoo ho seng ea ka e timang, ka lebaka la bobe ba mesebetsi ea lōna.”+

  • Jeremia 9:26
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 26 Egepeta+ le Juda+ le Edomo+ le bara ba Ammone+ le Moabe+ le bohle ba kutileng moriri oa litlhafunelo tsa bona ba lulang lefeelleng;+ etsoe lichaba tsohle ha lia bolla, ’me ntlo eohle ea Iseraele ha ea bolla pelong.”+

  • Ezekiele 44:7
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 7 ha le tlisa basele ba sa bollang lipelong le ba sa bollang nameng,+ e le hore ba tle sehalalelong sa ka hore ba se silafatse, e leng ntlo ea ka; ha le hlahisa bohobe ba ka,+ mafura+ le mali,+ ha ba ntse ba tlōla selekane sa ka ka lebaka la lintho tsohle tsa lōna tse manyala.+

  • Liketso 7:51
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 51 “Banna ba manganga le ba sa bollang lipelong+ le litsebeng, kamehla le hanyetsa moea o halalelang; joalokaha baholo-holo ba lōna ba ile ba etsa, le lōna le etsa joalo.+

  • Baroma 2:29
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 29 Empa Mojuda ke eo e leng eena ka hare,+ ’me lebollo la hae ke la pelo+ ka moea, eseng ka molao o ngotsoeng.+ Thoriso+ ea eo ha e tsoe ho batho, empa e tsoa ho Molimo.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela