3 Joale Moshe a tla eaba o phetela sechaba mantsoe ’ohle a Jehova le liqeto tsohle tsa boahloli,+ ’me sechaba sohle sa araba ka lentsoe le le leng sa re: “Mantsoe ’ohle ao Jehova a a buileng re ikemiselitse ho a phetha.”+
8 Kahoo Moshe a nka mali ’me a fafatsa sechaba ka oona+ eaba o re: “Ana ke mali a selekane+ seo Jehova a se hlabileng le lōna mabapi le mantsoe ana ’ohle.”
9 Ha ke nyolohela thabeng ho ea amohela matlapa a majoe,+ matlapa a selekane seo Jehova a neng a se hlabile le lōna,+ ’me ke lutse thabeng ka matsatsi a mashome a mane le masiu a mashome a mane,+ (ha kea ka ka ja bohobe kapa ka noa metsi,)