Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Levitike 22:29
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 29 “Haeba le lokela ho hlabela Jehova sehlabelo sa liteboho,+ le lokela ho se etsa bakeng sa hore le iphumanele kamohelo.

  • 2 Likronike 29:31
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 31 Qetellong Ezekiase a araba ’me a re: “Joale le tlatsitse+ matsoho a lōna ka matla bakeng sa Jehova. Atamelang, ’me le tlise mahlabelo+ le mahlabelo a liteboho+ ntlong ea Jehova.” Phutheho ea qala ho tlisa mahlabelo le mahlabelo a liteboho, hape e mong le e mong eo pelo ea hae e ratang, a tlisa linyehelo tsa secheso.+

  • Nehemia 12:43
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 43 Letsatsing leo ba etsa mahlabelo a maholo+ ’me ba thaba,+ etsoe Molimo oa ’nete o ile a etsa hore ba thabe ka thabo e khōlō.+ Basali+ le bana+ ba thaba, hoo ho thaba ha Jerusalema ho neng ho ka utluoa hōle haholo.+

  • Pesaleme 50:14
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 14 Fanang ka liteboho e le sehlabelo sa lōna ho Molimo,+

      Le phethe boitlamo ba lōna ho Ea Phahameng ka ho Fetisisa;+

  • 2 Bakorinthe 9:11
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 11 Le ntse le ruisoa nthong e ’ngoe le e ’ngoe bakeng sa ho fana ka seatla se bulehileng ha mofuta o mong le o mong, ho hlahisang ka rōna polelo ea teboho ho Molimo;+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela