Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Levitike 22:21
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 21 “‘Haeba motho a hlahisetsa Jehova sehlabelo se kopanetsoeng+ bakeng sa ho phetha boitlamo+ kapa e le nyehelo ea boithatelo, e lokela ho ba e phetseng hantle har’a mohlape oa liphoofolo tse khōlō kapa mohlape oa likhutšoane, hore a fumane kamohelo. Ho hang ha ea lokela ho ba le sekoli.

  • Numere 30:2
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 2 Haeba monna a etsa boitlamo+ ho Jehova kapa a hlapanya ka kano+ e tlamang moea oa hae ka boitlamo ba ho ithiba,+ a se ke a koenehela lentsoe la hae.+ O lokela ho etsa tumellanong le sohle se tsoileng molomong oa hae.+

  • Baahloli 11:30
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 30 Joale Jafeta a etsa boitlamo+ ho Jehova a re: “Haeba ruri u nehelana ka bara ba Ammone letsohong la ka,

  • 1 Samuele 1:11
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 11 A tsoela pele ho etsa boitlamo+ ’me a re: “Jehova oa mabotho, haeba ruri u tla talima mahloreho a lekhabunyane+ la hao ’me u nkhopole,+ ’me u ke ke ua lebala lekhabunyane la hao ’me u tla fa lekhabunyane la hao ngoana e motona, ke tla mo fa Jehova ka matsatsi ’ohle a bophelo ba hae, ’me ha ho lehare le tla feta hloohong ea hae.”+

  • Pesaleme 66:13
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 13 Ke tla kena ka tlung ea hao ka linyehelo tse feletseng tsa secheso;+

      Ke tla phetha boitlamo ba ka ho uena+

  • Liproverbia 20:25
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 25 Ke leraba ha motho oa lefatše a ile a hooa ka lepotlapotla, “Ntho e Halalelang!”+ ’me ka mor’a boitlamo+ a batla ho hlahloba.+

  • Moeklesia 5:4
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 4 Neng kapa neng ha u etsa boitlamo ho Molimo, u se ke ua tsilatsila ho bo phetha,+ etsoe ha ho thabeloe ba hlokang kelello.+ U phethe boitlamo boo u bo etsang.+

  • Liketso 21:23
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 23 Ka hona etsa sena seo re u bolellang sona: Re na le banna ba bane ba nang le boitlamo.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela