8 “Itebele lefung la lepera+ ka hore u ele hloko ho etsa ho ea ka sohle seo baprista, Balevi, ba tla u laela sona.+ Feela joalokaha ke ba laetse, u hlokomele+ ho etsa joalo.
9 Ba qala ho ruta+ Juda, ’me ba ne ba e-na le buka ea molao oa Jehova;+ ba ’na ba potoloha ho pholletsa le metse eohle ea Juda le ho ruta har’a sechaba.
8 Ba tsoela pele ho balla+ holimo ho tsoa bukeng, ho tsoa molaong oa Molimo oa ’nete, ha o ntse o qaqisoa, ’me o ntse o kenngoa moelelo; ba tsoela pele ho etsa hore ’malo o utloisisoe.+
18 Eaba ba re: “Banna tloong, ’me re nahaneng menahano+ e itseng khahlanong le Jeremia, etsoe molao o ke ke oa timela ho moprista+ kapa keletso ho ea bohlale kapa lentsoe ho moprofeta.+ Tloong ’me re mo otle ka leleme,+ ’me re se ke ra ela hloko mantsoe leha e le afe a hae.”
7 Etsoe molomo oa moprista ke oona o lokelang ho boloka tsebo, ’me batho ba lokela ho batla molao molomong oa hae;+ kaha ke lenģosa la Jehova oa mabotho.+