Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Exoda 29:13
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 13 U nke mafura+ ’ohle a koahelang mala,+ le karolo e leketlileng sebeteng,+ le liphio tse peli le mafura a holim ’a tsona, ’me u etse hore li kubelle holim ’a aletare.+

  • Levitike 7:23
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 23 “Bua le bara ba Iseraele, u re, ‘Le se ke la ja mafura+ leha e le afe a poho kapa a pheleu e nyenyane kapa a pōli.

  • Levitike 7:30
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 30 Matsoho a hae a tla tlisa mafura+ a holim ’a sefuba e le linyehelo tsa Jehova tse entsoeng ka mollo. O tla a tlisa hammoho le sefuba hore a li tsokele koana le koana e le nyehelo+ e tsokoang ka pel’a Jehova.

  • 1 Marena 8:64
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 64 Ka letsatsi leo morena o ile a lokela ho halaletsa bohare ba lebala le leng ka pel’a ntlo ea Jehova,+ kahobane moo o ne a lokela ho etsa sehlabelo sa secheso le nyehelo ea lijo-thollo le likarolo tse nonneng tsa mahlabelo a kopanetsoeng; kaha aletare+ ea koporo e neng e le ka pel’a Jehova e ne e le nyenyane haholo ho lekana sehlabelo sa secheso le nyehelo ea lijo-thollo le likarolo tse nonneng+ tsa mahlabelo a kopanetsoeng.

  • Ezekiele 44:15
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 15 “‘Ha e le baprista ba Balevi,+ bara ba Tsadoke,+ ba ileng ba hlokomela mosebetsi oa sehalalelo sa ka ha bara ba Iseraele ba ne ba hlahlathetse hōle le ’na,+ ba tla nkatamela hore ba ntšebeletse, ’me ba tla ema ka pel’a ka+ hore ba hlahise mafura+ le mali ho ’na,’+ ho bolela ’Musi Morena Jehova.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela