13 “Ha e le uena, bua le bara ba Iseraele, u re, ‘Haholo-holo le lokela ho boloka lisabatha tsa ka,+ etsoe ke pontšo pakeng tsa ka le lōna melokong ea lōna hore le tsebe hore ke ’na Jehova ea le halaletsang.+
8 Kahoo u mo halaletse,+ hobane ke eena ea hlahisang bohobe ba Molimo oa hao. O lokela hore e be ea halalelang ho uena,+ hobane ’na Jehova, ea u halaletsang, kea halalela.+
28 Lichaba li tla lokela ho tseba hore ’na, Jehova,+ ke halaletsa Baiseraele ha sehalalelo sa ka se e-ba har’a bona ho isa nakong e sa lekanyetsoang.”’”+
23 E se eka Molimo oa khotso+ a ka le halaletsa ka ho feletseng.+ E se eka boikutlo le moea le ’mele ea lōna barab’eso li ka bolokoa li phethahetse ka litsela tsohle ka mokhoa o sa tšoauoeng phoso ho beng teng ha Morena oa rōna Jesu Kreste.+
13 Leha ho le joalo, re tlamehile ho leboha Molimo kamehla ka lebaka la lōna, barab’eso ba ratoang ke Jehova, hobane ho tloha tšimolohong Molimo o ile a le khethela+ poloko ka ho le halaletsa+ ka moea+ le ka tumelo ea lōna ’neteng.+