21 “‘Haeba motho a hlahisetsa Jehova sehlabelo se kopanetsoeng+ bakeng sa ho phetha boitlamo+ kapa e le nyehelo ea boithatelo, e lokela ho ba e phetseng hantle har’a mohlape oa liphoofolo tse khōlō kapa mohlape oa likhutšoane, hore a fumane kamohelo. Ho hang ha ea lokela ho ba le sekoli.
12Ka lebaka leo ke le kōpa ka tieo ka qenehelo ea Molimo, barab’eso, hore le hlahise ’mele+ ea lōna e le sehlabelo+ se phelang,+ se halalelang,+ se amohelehang ho Molimo,+ e le tšebeletso e halalelang+ ka matla a lōna a ho nahana.+
27 e le hore a ka hlahisa phutheho ho eena ka botle ba eona bo khanyang,+ e se na letheba kapa masoebe kapa leha e le efe ea lintho tse joalo, empa hore e be e halalelang le e se nang sekoli.+
26 Etsoe moprista ea phahameng joaloka enoa o ne a loketse bakeng sa rōna,+ ea tšepahalang,+ ea se nang mano,+ ea sa silafalang,+ ea arohileng ho baetsalibe,+ le ea phahametseng maholimo.+