24 “Arone o tla nkeloa ho batho+ ba habo, etsoe a ke ke a kena naheng eo ka sebele ke tla e fa bara ba Iseraele, kahobane le fetohetse taelo ea ka mabapi le metsi a Meriba.+
28 Joale Moshe a hlobolisa Arone liaparo tsa hae ’me a li apesa mora oa hae Eleazare, ka mor’a moo Arone a shoella moo tlhōrōng ea thaba.+ Eaba Moshe le Eleazare ba theoha thabeng.
38 Moprista Arone a nyolohela Thabeng ea Hore ka taelo ea Jehova ’me a shoella teng selemong sa mashome a mane sa ho tsoa ha bara ba Iseraele naheng ea Egepeta, ka khoeli ea bohlano, ka la pele la khoeli.+
6 “Bara ba Iseraele ba tloha Beerothe Bene-jakane+ ho ea Mosera. Arone a shoela teng, ’me a patoa teng;+ mora oa hae Eleazare a qala ho sebetsa e le moprista sebakeng sa hae.+
50 Joale u tla shoela thabeng eo u nyolohelang ho eona, ’me u nkeloe ho batho ba heno,+ feela joalokaha moholoane oa hao Arone a shoetse Thabeng ea Hore+ eaba o nkeloa ho batho ba habo;