Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Exoda 23:24
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 24 U se ke ua inamela melimo ea bona kapa ua hlohlelletsoa hore u e sebeletse, ’me u se ke ua etsa ntho leha e le efe e tšoanang le mesebetsi ea bona,+ empa ruri u ba felise ’me ruri u heletse litšiea tsa bona tse halalelang.+

  • Exoda 34:13
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 13 Empa le heletse lialetare tsa bona, ’me le pshatle litšiea tsa bona tse halalelang, ’me le reme lipalo tsa bona tse halalelang.+

  • Deuteronoma 7:5
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 5 “Ka lehlakoreng le leng, sena ke seo le lokelang ho ba etsa sona: Le lokela ho heletsa lialetare tsa bona,+ ’me le heletse litšiea tsa bona tse halalelang,+ le reme+ lipalo tsa bona tse halalelang,+ ’me le chese ka mollo litšoantšo tsa bona tse betliloeng.+

  • Deuteronoma 12:3
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 3 Le heletse lialetare+ tsa tsona ’me le pshatle litšiea tsa tsona tse halalelang,+ le chese lipalo tsa tsona tse halalelang+ mollong ’me le robakanye litšoantšo tse betliloeng+ tsa melimo ea tsona, ’me le felise mabitso a tsona sebakeng seo.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela