Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Exoda 21:14
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 14 Haeba motho a halefela oa habo ho isa ntlheng ea hore a mo bolaee ka bolotsana,+ u tla mo tlosa aletareng ea ka hore a shoe.+

  • Deuteronoma 19:11
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 11 “Empa haeba ho e-ba le motho ea hloileng+ oa habo, ’me a mo laletse eaba o mo tsohela matla ’me o bolaea moea oa hae eaba oa shoa,+ ’me motho eo a balehetse ho e meng ea metse ena,

  • Pesaleme 10:8
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    •  8 O lula a laletse metsaneng;

      O tla bolaea ea hlokang molato a le libakeng tse patehileng.+

      ע [ʽAyin]

      Mahlo a hae a laletse motho ea malimabe.+

  • Liproverbia 1:18
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 18 Ka lebaka leo ba lalla bakeng sa mali a bona;+ ba lula moo ho patehileng bakeng sa meea ea bona.+

  • Mareka 6:19
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 19 Empa Herodiase o ne a mo jere ka pelo+ ’me o ne a batla ho mo bolaea, empa o ne a sitoa.+

  • Liketso 23:21
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 21 Ka holim ’a lintho tsohle, u se ke ua ba lumella hore ba u susumetse, kaha banna ba fetang mashome a mane ba bona ba mo laletse,+ ’me ba itlamile ka bomalimabe hore ba se ke ba ja kapa ba noa ho fihlela ba mo bolaile;+ ’me joale ba itokisitse, ba letetse tšepiso e tsoang ho uena.”

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela