3Moshe ea e-ba molisa oa mohlape oa Jethro,+ moprista oa Midiane, eo Moshe e neng e le mokhoenyana oa hae.+ Ha a ntse a khannela mohlape ka bophirimela ho lefeella, qetellong a fihla thabeng ea Molimo oa ’nete,+ Horebe.+
3 Moshe a nyolohela ho Molimo oa ’nete, ’me Jehova a qala ho mo bitsa a le thabeng,+ a re: “Sena ke seo u tla se bolella ntlo ea Jakobo le ho se bolella bara ba Iseraele,
16 Khanya ea Jehova+ ea ’na ea lula holim ’a Thaba ea Sinai,+ ’me leru la ’na la e koahela ka matsatsi a tšeletseng. Qetellong ka letsatsi la bosupa a bitsa Moshe a le har’a leru.+
8 Kahoo a tsoha eaba oa ja le ho noa, ’me a ’na a tsamaea ka matla a lijo tseo ka matsatsi a mashome a mane+ le masiu a mashome a mane ho ea fihla thabeng ea Molimo oa ’nete, Horebe.+
4 “Hopolang molao oa mohlanka oa ka Moshe oo ke ileng ka mo laela oona Horebe malebana le Baiseraele bohle, esita le melao ea tsamaiso le liqeto tsa boahloli.+