Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Genese 13:16
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 16 Ke tla etsa hore peō ea hao e be joaloka lerōle la lefatše, hoo haeba motho a ka khona ho bala lerōle la lefatše, le peō ea hao a ka khonang ho e bala.+

  • Genese 22:17
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 17 ruri ke tla u hlohonolofatsa ’me ruri ke tla atisa peō ea hao joaloka linaleli tsa maholimo le joaloka lehlabathe le lebōpong la leoatle;+ ’me peō ea hao e tla rua heke ea lira tsa eona.+

  • Genese 46:3
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 3 Eaba o tsoela pele ho re: “Ke ’na Molimo oa ’nete,+ Molimo oa ntat’ao.+ U se ke ua tšaba ho theohela Egepeta, etsoe ke tla u etsa sechaba se seholo hona teng.+

  • Exoda 12:37
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 37 Bara ba Iseraele ba tloha Ramsese+ ba ea Sukothe,+ e le palo ea banna ba shahlileng ba likete tse makholo a tšeletseng ba tsamaeang ka maoto, ntle ho bana ba banyenyane.+

  • Exoda 38:26
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 26 Halofo ea shekele bakeng sa motho ka mong e ne e le halofo ea shekele ho ea ka shekele ea sebaka se halalelang, bakeng sa monna e mong le e mong ea neng a fetela ho ba ngolisitsoeng ho tloha ka ba lilemo li mashome a mabeli ho ea holimo,+ ea e-ba likete tse makholo a tšeletseng a metso e meraro le makholo a mahlano le mashome a mahlano.+

  • Numere 2:32
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 32 Bana ke ba neng ba ngolisitsoe ho bara ba Iseraele ho ea ka matlo a bo-ntat’a bona; bohle ba ngolisitsoeng ba lihlopha tse mabothong a bona ba ne ba le likete tse makholo a tšeletseng a metso e meraro le makholo a mahlano le mashome a mahlano.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela