16 Joale, ho tla tsejoa ka’ng hore ke fumane kamohelo mahlong a hao, ’na le sechaba sa hao? Na hase ka hore u tsamaee le rōna,+ hore ebe ’na le sechaba sa hao re khethollehile ho lichaba tse ling tsohle tse holim ’a lefatše?”+
20“Haeba u il’o loantša lira tsa hao ’me u bona lipere le likoloi tsa ntoa,+ sechaba se sengata ho u feta, u se ke ua se tšaba; etsoe Jehova Molimo oa hao ea u ntšitseng naheng ea Egepeta,+ o na le uena.+
10 U se ke ua tšoha, kaha ke na le uena.+ U se ke ua talima koana le koana, etsoe ke ’na Molimo oa hao.+ Ke tla u matlafatsa.+ Ka sebele ke tla u thusa.+ Ke tla u tšoara ka tieo ka letsoho+ la ka le letona la ho loka.’+