Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Exoda 23:19
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 19 “U tlise litholoana tse ntlehali tsa pele tse butsoitseng tsa mobu ka tlung ea Jehova Molimo oa hao.+

      “U se ke ua pheha potsanyane ka lebese la ’m ’a eona.+

  • Levitike 2:14
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 14 “‘Haeba u hlahisetsa Jehova nyehelo ea lijo-thollo tsa litholoana tsa pele tse butsoitseng, u hlahise liqoapi tse tala tse besitsoeng ka mollo, litlhaku tsa lijo-thollo tse sa tsoa khuoa, e le nyehelo ea lijo-thollo ea litholoana tsa hao tsa pele tse butsoitseng.+

  • Numere 18:12
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 12 “Oli eohle e ntlehali le veine eohle e ncha e monate ka ho fetisisa le lijo-thollo, litholoana tsa bona tsa pele,+ tseo ba tla li fa Jehova, ke u file tsona.+

  • Deuteronoma 26:2
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 2 u tla nka tse ling tsa litholoana tsa pele+ tsa litholoana tsohle tsa mobu, tseo u tla tla le tsona ho tsoa naheng ea heno eo Jehova Molimo a u fang eona, ’me u li tšele basketeng ’me u ee sebakeng seo Jehova Molimo oa hao a tla khetha hore lebitso la hae le lule ho sona.+

  • Deuteronoma 26:10
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 10 Joale bona! ke tlisitse litholoana tsa pele tsa litholoana tsa naha eo Jehova a mphileng eona.’+

      “U boele u li behe ka pel’a Jehova Molimo oa hao ’me u iname ka pel’a Jehova Molimo oa hao.+

  • Nehemia 10:37
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 37 Hape, re lokela ho tlisa litholoana tsa pele tsa lithollo tsa rōna tse haitsoeng+ le menehelo ea rōna+ le litholoana tsa sefate+ sa mofuta o mong le o mong, veine e ncha+ le oli+ ho baprista liholong tsa ho jela+ tsa ntlo ea Molimo oa rōna, le karolo ea leshome e tsoang mobung oa rōna ho Balevi,+ kaha Balevi, ke bona ba amohelang karolo ea leshome metseng eohle ea rōna ea temo.

  • Liproverbia 3:9
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 9 Hlompha Jehova ka lintho tsa hao tsa bohlokoa+ le ka litholoana tsa pele tsa lihlahisoa tsohle tsa hao.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela