5“‘Joale haeba moea+ o etsa sebe ka hore ebe o utloile thohako+ ea phatlalatsa ’me e le paki kapa o e bone kapa o tsebile ka eona, haeba o sa e tlalehe,+ joale o arabelle phoso ea oona.
3 “Ntate o shoeletse lefeelleng,+ empa leha ho le joalo o ne a se har’a phutheho, ke hore, ba ileng ba ema khahlanong le Jehova phuthehong ea Kora,+ empa o shoele+ ka lebaka la sebe sa hae; ’me ha aa ka a ba le bara.
20 Moea o etsang sebe—ke oona o tla shoa.+ Mora a ke ke a jara letho ka lebaka la phoso ea ntat’ae, ’me ntate a ke ke a jara letho ka lebaka la phoso ea mora.+ Ho loka ha ea lokileng ho tla ba holim ’a hae,+ ’me bokhopo ba ea khopo bo tla ba holim ’a hae.+