Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Levitike 27:30
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 30 “‘Karolo e ’ngoe le e ’ngoe ea leshome+ ea naha, ho peō ea naha le litholoana tsa sefate, ke ea Jehova. Ke ntho e halalelang ho Jehova.

  • 2 Likronike 31:5
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 5 Hang ha lentsoe leo le hlaha, bara ba Iseraele+ ba eketsa litholoana tsa pele tsa lijo-thollo,+ veine+ e ncha, le oli+ le mahe a linotši+ le lihlahisoa tsohle tsa naha,+ ’me ba tlisa karolo ea leshome ea ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka bongata.+

  • Nehemia 10:37
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 37 Hape, re lokela ho tlisa litholoana tsa pele tsa lithollo tsa rōna tse haitsoeng+ le menehelo ea rōna+ le litholoana tsa sefate+ sa mofuta o mong le o mong, veine e ncha+ le oli+ ho baprista liholong tsa ho jela+ tsa ntlo ea Molimo oa rōna, le karolo ea leshome e tsoang mobung oa rōna ho Balevi,+ kaha Balevi, ke bona ba amohelang karolo ea leshome metseng eohle ea rōna ea temo.

  • Nehemia 12:44
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 44 Ho ekelletsa moo, letsatsing leo ho ile ha behoa banna hore ba okamele liholo+ tsa lipolokelo,+ tsa menehelo,+ tsa litholoana tsa pele+ le tsa likarolo tsa leshome,+ ho bokella ka ho tsona ho tsoa masimong a metse likarolo tse batloang ke molao+ bakeng sa baprista le Balevi;+ etsoe thabo ea Juda e ne e tlisoa ke baprista le Balevi+ ba neng ba le teng.

  • Nehemia 13:12
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 12 Bajuda bohle ba tlisa karolo ea leshome+ ea lijo-thollo+ le ea veine e ncha+ le ea oli+ lipolokelong.+

  • Bagalata 6:6
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 6 Ho feta moo, leha e le mang ea ntseng a rutoa lentsoe ka molomo+ a ke a arolelane+ lintho tsohle tse molemo le ea mo fang thuto e joalo ea molomo.+

  • Baheberu 7:5
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 5 Ke ’nete, banna ba tsoang ho bara ba Levi+ ba amohelang boemo ba bona ba boprista ba na le taelo ea ho bokella likarolo tsa leshome+ ho batho+ ho ea ka Molao, ke hore, ho barab’abo bona, esita le haeba ba tsoile lethekeng la Abrahama;+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela