5 Moprofeta+ eo kapa molori eo oa toro o lokela ho bolaoa,+ hobane o buile ka ho fetohela Jehova Molimo oa lōna, ea le ntšitseng naheng ea Egepeta ’me a le lopolla ntlong ea makhoba, ho le khelosa tseleng eo Jehova Molimo oa lōna a le laetseng hore le tsamaee ka eona;+ le tlose bobe har’a lōna.+
15 “‘Etsoe ha kea ba romela,’ ho bolela Jehova, ‘empa ba profeta ka bohata ka lebitso la ka, e le hore ke le qhalakanye,+ ’me le tla lokela ho timela,+ lōna le baprofeta ba le profetelang.’”+
3 Haeba monna a ka boela a profeta, ntat’ae le ’m ’ae, ba mo tsoetseng, le bona ba tla re ho eena, ‘U ke ke ua phela, hobane u buile leshano ka lebitso la Jehova.’ Ntat’ae le ’m ’ae, ba mo tsoetseng, ba tla mo hlaba ka lebaka la ho profeta ha hae.+